LI LE TALA PHEE!!! BOBOLU BA TENDERS!! Ke Tseo Hee... Kajeno - TopicsExpress



          

LI LE TALA PHEE!!! BOBOLU BA TENDERS!! Ke Tseo Hee... Kajeno bakuli ba sepetlele sa TY ha ba a fumana lijo ho fihlela ka hora ea bosupa bosiu (7pm)!!! LESOTHO NEWS e fumana hore mabaka e bile hobane tender ea ho pheha moo e fuoe company e senang Tax Clearance, me seo se setisitse hore company eo e ka fumana litsieane tse e lumellang ho sebetsa hantle moo!! Tender ena e fanoe ka tsusumetso ea emong oa liofisiri tse kholo tsa muso, ka BOBOLU... Sena se tla tjena le ha ho na le company tse nang le litokomane tse felletseng, tse tinngoeng mosebetsi moo!! Ho sa le joalo, hona lekaleng la bophelo, sepetleleng sa Mamohato, ho na le trolley e rekisang makoenya, ho bile ho haneloa bakuli ho ithekela lijo kantle. Ho feta mona, bakuli ba haneloa ho sieloa lijo, me LESOTHO NEWS e fumane tsena ka mahlasipa a hanetsoeng ho siela bakuli ba bo na lijo, ba laeloa ho khutla le tse sa felang - bakuli ha ba sieloe lijo ho hang!! Basotho naha ee ea rona e ea kae???
Posted on: Fri, 11 Jul 2014 21:54:16 +0000

Trending Topics



Recently Viewed Topics




© 2015