Jehova, Molimo oa Iseraele, U re falalitse lefifing la pele; Re - TopicsExpress



          

Jehova, Molimo oa Iseraele, U re falalitse lefifing la pele; Re thaba hakaakang ha re u khumamela; Kajeno re batho, re tseba ho rapela. Maoto a khotso a tsoang ho Monghali A tlile Lesotho, lefatseng la mali: A re a sa hlaha, Satana thothomela; Mokhosi oa khutsa, lira tsa re bakela. Mahaheng a matso, thakong tsa lelimo, Ho binoa sefela se bokang Molimo; Naha ea nyakalla, e khabile ka metse, Nala e hlahile bakeng sa litsietsi. Ba neng ba qhalane ba boela ha habo, Ba liqhobosheane ba ba nka ka thabo; Leqheku le akoa ke tloholo tsa lona, Li tla li holile; ho bokoe Monga bona! E, lipoko tsohle li hlabe holimo Ho uena, Jehova, Morena Molimo! Re sechaba sa hao, se ratiloeng ke Jesu; Tiisa muso oa hao fatseng lena la heso!
Posted on: Wed, 04 Jun 2014 16:13:01 +0000

Trending Topics



-height:30px;">
Hinged Glass Door Refrigerator with 1 Door and 2 Shelves, 7 Cubic

Recently Viewed Topics




© 2015