*mme hara tseu reu hlophiselitseng tsona kajeno, letla utloa - TopicsExpress



          

*mme hara tseu reu hlophiselitseng tsona kajeno, letla utloa haholoanyane ka karolo ea litaba tse tekuoeng ke mokhatlo oa litho tsa sepolesa malebana le tseko ea tsona ea meputso esa kenyelletsoang. *Ntlha e nngoe ke ea ketelo ea letona la litaba tsa lehae la A. Borwa Naleli Pandor koano Lesotho bekeng eo ree furallang moo a neng a tlo kopana lepa mphato oa hae, Morena Joang Molapo e ntse e leho akofisa litaba tse amanang le motsamao o lokohileng oa maliboho mmoho leho netefatsa hore litokomane tsa naha tsa boitsebiso li feela li kenngoa tshebetsong. *Retla boela re utloe ka tsa mokete oa letsatsi la Sesole (army day) o bileng ka moqebelo, ebe ho fihlella kajeno, khatelo-pele kee kae ho bona hore sesole se khutlela sechabeng; merero ea ntlafatso eo se keneng ho eona ke efe mmoho le tlatsetso ea sona ho tihiseng puso ea sechaba ka sechaba. *Retla qetella kaho utloa tsaho khakoloa hoa Vodacom M-pesa letsatsing la kajeno…tsena le tse ling hang kamorao ho litaba tsaho qetela tsa letsatsi. tsena le tse ling o lu fumana ho 92.8 hoisa ho 95.6 Mhz ho qala horeng ea borobong hoisa horeng ea 11pm.
Posted on: Mon, 01 Jul 2013 17:54:10 +0000

Trending Topics



Recently Viewed Topics




© 2015