LEHAKOE LA LITABA MOAFRIKA FM. Laboraro, Phato 07, 2014. - TopicsExpress



          

LEHAKOE LA LITABA MOAFRIKA FM. Laboraro, Phato 07, 2014. Momameli, ke u lumelisa ka lebitso la Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste Baithuti ba sekolo sa koetliso ea litichere ba re ba lelekoa malaeneng ke beng ba mehaho. Seoa sa lefu la ‘IBOLA’ se aparela linaha tsa Afrika e Bophirima Lekala la Thuto le re lijo tsa bana ba likolo li tla anela Lesotho lohle bekeng e tlang Moitšokuli o re mapolesa a mo bolaisitse liopa pina maobane Maseru Basali ba tla tšoaea khoeli ea mosali oa Moafrika ka ho hloekisa toropo ea Maputsoe Mosotho fumana Pitsa ea Litotla bakeng sa mathata a hau a fapakaneng a bophelo bo botle. Pitsa ea Litotla e matlafatsa, ’mele khahlanong le TB, Chaefi, stress, allergy, serame, a pelehi le a kahare ho ‘mele, ‘moho le ho imeloa ke ntoa ea lehlanahlana. Ka botlalo Baithuti ba sekolo sa koetliso ea litichere Thaba Tseka, ba selemong sa boraro, ba lulang ka ntle ho jarete ea sekolo, ba re ha e-sale lefapha la lihlapiso Manpower le ba tima chelete ea bona ea bolulo ho tloha ka ’Mesa monongoaha. Ba re ba ile ba ithomella liofising tsa mookameli empa ha esale ba tlolisoa khati sa mokana ba tla thusoa empa ho fihla ha joale li sa kentse maoto ketaneng. Baithuti ba re moo ba lulang ba se ba bile ba kena ka mafifi kaha ba ba leha beng ba matlo, ha ba bang ba supa ha ba e-ntse likoloto tseo ba ipotsang hore na ebe ba tla lilefaa joang, ’me ba supa ha tsabo e bona ele hore kaha ba se ba tla phethela lithuto tsa bona sena se ka qetella se eme pele katleho ea bona kaha ba tla sitoa ho tsoelapele ka tse ling. Lehakoe la litaba le ile la phuthoma lefapha leo ka litaba tsena, ’me le lona ha esale le tontoantsoa ke ofisi ea bookameli moo Dr. Lethuletseng Ntsinyi a tšepisitseng ho khutla empa ha a so phethahatse. Mohapi: 63118118 Dr. Pinki Manamolela: 58079550/62626262 Linaha tsa Afrika Bophirima li oetsoe ke seoa sa lefu la “IBOLA” se seng se bolaile baahi ba seketse linaheng tse kang, Liberia, Siria Leone le Nigeria, ho tloha bekeng tse peli tse fetileng. Lipatlisiso li supa ha sena se kaba tšoso ho naha ea Lersotho kaha sehlopha sa bahlankana ba ka tlase ho lilemo tse mashome a mabeli Makoanyane se tla e hlana ea se lula matsoapong le Nigeria bekeng e tlang. Mokhosi Mohapi ka boemo ba hae ele mongoli kakaretso oa mokhatlo o tsamaisang bolo ea maoto ka hara naha, o re o se a ngolletse mokhatlo oa naha eo, ekasitana le mokhatlo oa Afrika (CAF) le oa Lefatše (FIFA) mabapi le boemo bona, ’me ba sa e metse karabo. Mohapi o supile ha bahlankana ba lebelletsoe ho tloha kahar’a naha ka Laboraro la beke e tlang moo ba tlang ho menahana le mehlala ka Labohlano la beke eona eo. Ho sa le joalo mookameli oa taolo ea mafu Lekaleng la Bophelo Dr. Moselinyane Letsie o re a ka eletsa LeFA ho se tsoele pele ka leeto lena, kaha pheko ha eso fumanoe. U mametse se-ea-le-moea sa sechaba ka sechaba, se-ea-le-moea sa Molimo, se K’hatholike, MOAFRIKA FM, e hasang ka 89.7, 99.3, 90.7, 93.6 le ka MOAFRIKA FM RADIO DAILY [email protected] Lebitso la ka ke…, ka Seboko ke… Re lebeletse ka tšepo ho kenngoa ha Bokreste molaong oa motheo oa naha, khaho ea sefika sa bahale le ho thehoa ha Special Tribunal on Corruption, kapele-pele. Ha lehakoe. Adv. Makhetha Motšoari: 620017000 Balisana ba Ribaneng Mafeteng ha e-na ho ba mekhelo peisong ea likhomo e ntseng e potoloha tikolohong ea Matelile ka tlhophisetso ea Motšoari Trust Fund, mafelong a na a beke. Adv. Makhetha Motšoari o re sena batlo se etsa ka kopanelo le Matelile Development Community Association, ka sepheeo sa ho tlotla mosebetsi o motle o etsoang ke balisana. Motšoari o re ba memme ba lefapha la boipallo ’mileng moo likosekara tsa tikoloho eo li tlang ho manamisoa mabone a totobal e ntse ele ho fokotsa likotsi tsa mebileng. 64000024 Bamameli ba Lenaneo La Rea Khoahlapisa la maobane ba phatlalalitse basali ba Moafrika ba se na boitšepo mafapheng a fapakaneng a bophelo. Ba re sena se bonoa meaparong, lipuong, le meketeng e fapakaneng, ’me ba re tsena ba li qopitsa lichabeng tse ling, hoo basali ba seng ba ke ke ba khetholoha ho ba lichaba tse ling. Leha ho le joalo, bamameli ba itse ba ka fa basali tšepo, moo ba seng ba kentse leano la ho apara lishoeshoe le likobo tsa bona, hobane mokhoa oo o se o sebelisoa, mesebetsing, likerekeng le libakeng tse fapakaneng tsa bophelo. Tsen ba li buile ba ipapisitse le potso ea motsamaisai oa lenaneo e neng e re na basali ba Basotho ba sa na a le boitšepo ha ho shejoa litaba tsa mosali oa Moafrika khoeling ena. Bakeng sa Pitsa ea Litotla le Mohlolo oa Molimo, etela Room 109 Carlton Centre Maseru, Studio 3 Room 9 Hlotse le le litsing tsohle tsa Kholu Remedies le tsa Pitsa ea Litotla. Fumana le Asthma Herbal 2013 ho phekola Letšoeea le hlotseng lingaka. Teboho Leoma: 64089019 ’Makabelo Mosothoana: Phala ea Lekala la Thuto Le Koetliso Mary Mokemane o re ho bile le tieho ea ho fihla ha lijo libakeng tse ling tsa naha, ke ka hona bana ba khutlang ka lephako le ubang sewkolong.e lijo tsa motšeare. Mokemane o re lekala le se le e-me ka maoto ho bona hore bekeng e tlang lijo li anela Lesotho lohle, ka hona ba se ba ikopela tšoarelo ke hona. Sena se latela hore ho be le litlaleho tse kenanang lenyele-nyele Lehakoeng la litaba, li re bana ba bolaisoa tlala ekang ea mehleng ea malimo,loa ’me sena se ama boithuto ba bona kaha ba lokeloa ho lokolloa pele ho nako ea mehla. Lefa Mphonyane: 56561627 Moitšukuli ea sebeletsang setopong sa lepoqong Maseru, o re mapolesa a ileng a fihla a le mahlo a ntoa maobane a mo khakhathile hoo kajeno a sa tsebang hoba mosebetsing. Lefa Mphonyane o re phirimaneng ea maobane ha a ntse a phutha thepa, ho ile ha fihla mapolesaa tšeletseng ba ileng a mokhakhatha ka lebaka le sa hlalosoang ke bona, le ho nka chelete e kalo ka makholo a robeli a Maloti. Mohlolo oa Molimo, bakeng sa ba khathatsoang ke maloetse a kollang tšoaetsong ea chaefi, o fumaneha: Litsing tsohle tsa Pitsa ea Litotla le tsa Kholu Remedies Modern Technologies Clinics. Thabelo Mahao: 57331117 Mohlankana oa Ha Leutsoa Matsieng o re ha e-so fuoe chelete ea matseliso kamor’a ho khaoha monoana ho e ’ngoe ea lifeme tsa machaena Seteisheneng Maseru mathoasong a Hlakola monongoaha. Thabelo Mahao o re hang kamor’a ketsahalo, o ile a isoa ngakeng ke mong’a hae, moo a ileng a fuoa phomolo ea likhoeli tse hlano eare ha a khutlela mosebetsing a fumana sebaka sa hae se se se nkiloe ke motho e mong. Mahao ea reng o ne a se a ena le lilemo tse hlano a sebeletsa feme eo, o re lekala la khiro bosebetsi ha le mo tsoela molemo tsekong eo. Lehakoe la litaba le lekile ho ikopanya le phala ea lekala le amehang empa mohala oa khabola feela ho se karabo ea letho. Bakeng sa ho thusoa ka lichelete tse saletseng merafong, fapohela ka Pitseng ea Litotla Room 109, MOAFRIKA Maseru, Room 9, Bedco, ea Hlotse. tloho le litokomane tsohle tsa mosebetsi. Ho sebetsoa Laboraro, Labone le Labohlano. 6400 0073 / 22320454 /64000009. Snr.Insp.Leluma: 5805 6334 Mohoebi oa Matlameng Ha Sekhonyana Leribe o re o bona ho tlaleha litaba Seea-le-moeeng sa Mofrika ho mo thusitse haholo hobane sepolesa sa Pitseng se latile babelaelloa ba bane ba motseng moo ba neng ba belaelloa ka ho qheketsa khoebong ea hae khoeli ka Phupu ngoahola. Joalane Damane o re o ne a ile a tlaleha litaba tsena sepoleseng sa Pitseng, empa a se ke a fumana thuso leha bopaki ba katiba ea emong oa babelaelloa e ne e le teng, e fumanoe le thepa e neng e nyametse khoebong moo. Litaba tsena li hlahelletse litabeng tsa seea-le-moea sa Moafrika Sontaha sa beke ea ho qetela ea khoeli ea Phupu moo mookameli oa sepolesa sa Pitseng Snr.Insp Haleeo Leluma a ileng a re Joalane itlalehe sepoleseng sa habo a tle a mo thuse. Snr. Inp. Leluma o tiisitse litaba tsena tsa hore babaelaelloa ba teng sepoleseng sa habo ‘me ke banna ba bane ba lilemo li leshome le metso e robeli le mashome a mararo a metso e ‘meli.O itse sepolesa se sese thakhotse lipatlisiso. ‘Matšiu Seboholi: 5636 5550 Mosali oa Thabana-Morena Ha Bofihla Mafeteng o re o tsietsing ea hore na o boloka khaitseli ea hae e hlokahelletseng ho e ’ngoe ea likonteraka RSA ha Phuptjoane e ne e hlola matsatsi a mabeli monongaha. ‘Matšiu Seboholi o re o latile mofu ka chelete e ngata ho mo tlisa polokelong ea bafu a Lesotho, ’me joale o pulufaletsoe kaha ke eena mo ikarabelli ha atsebe na o tsoa lekae. ‘Manapo Lebitsa; 2840 3630 Mohlohlo Nyenye; 6367 5504 Basali ba Ntlo ea Tšepo ba tla hloekia toropo ea Maputsoe ka moqebelo oa beke ena, kaha ba bone bohlasoa bo boholo, boo ho bonahalang bo ntse bo e-ja setsi, le hoja mofuputi oa Moafrika Patlo Phamotse a sa phetse ho lla ka bona. ‘Manapo Lebitsa, o re sena ba rerile ho se etsa ka letsatsi leo, ho keteka ea khoeli mosali oa Moafrika, me ke bona ba tšepetsoeng ho tsoara thipa ka bohaleng. ‘Manapo o re le hoja mosebetsi oa ho ola lithole o hloka koloi e ka li tlosang moo ho li isa thotobolong moo ba sa kang ba natsoa ke lekhotla la toropo la Maputsoe ha ba teka kopo e joalo. Puisanong le mofuputsi oa litaba oa Moafrika, setho sa lekhotla la puso ea libaka, Mohlohlo Nyenye, o itse taba eo o e tsebile o tla kopana le k’hansele kajeno ho bua ka taba eo le hore ba tle ba bone na ba atlehisa morero oo joang. Ho sa le joalo Lenanehong la Rentša Lephola kajeno, basali ba buileng ba itse basali ba lokela ho ba le makhabane a kenyeletsang lerato le kutloelo bohloko ho ba bang, le hoja ho ena le bonahalang ba sena makhabane a ho bitsoa basali.. Basali ba tsoang mafapheng a fapakaneng a bophelo, lipolotiki, le Ntšetsopele ea sechaba, ba re taba ea basali ba hlekefetsang ba bang, e hloka ho tsoeloa ka sehlethela sa mathe le ho rapelloa, ho kenyelelitsang boitimo ba lijo, ho boleloang ke Moarekaposetola Sebonomoea Ramainoane. Taba ena o e bone moo Moarekaposetola. a neng a memme litotla le likalakati ho rapella moea oa Jesebele hore o se kene malapeng, likerekeng le pusong, ‘me ke hore boitimo boo bo ‘ne bo tsoele-pele. Fumana MOAFRIKA Mobile 64.…ka M2 feela e litjeo li tlase ’moho le petsana ea eona 2764… e leng fono-fono ea fatše e se nang lithapo. U ka kena mpate-sheleng ka ho penya *188# 0k, ha u reka moea ka sepache fono, u fumana khahla-khahla ea metsotso ea mahala. Molebe o khutlile penya *100# ok u nt’o etsa khetho. Reka Moafrika Mobile 64…. U be monyetleng oa ho hapa moea oa M50.00 beke le beke kapa u sebelise M30.00 le ho feta u tle u hape chelete e M100.00 beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ha u batla litlhakisetso ka MOAFRIKA Mobile, letsetsa setsebi sa MOAFRIKA ho 6400 2121 Bala MOAFRIKA FM RADIO DAILY NEWS le MOAFRIKA Community Broadcasting Services, li fumaneha leboteng la Facebook la Sebonomoea Ramainoane. Li u tšoaretse litaba tse fapakaneng tsa sechaba, tse molemong oa katlehiso ea Mosotho ka mong kapa e le sechaba. Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona, empa rona ba MOAFRIKA re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rona kamehla le mehla. Mikia 4:5. Memento homo sic transit gloria mundi !!!
Posted on: Thu, 07 Aug 2014 12:52:13 +0000

Trending Topics



Recently Viewed Topics




© 2015