Lumelang metsoalle! Kea itlaleha. Kajeno ke bile Matsieng - TopicsExpress



          

Lumelang metsoalle! Kea itlaleha. Kajeno ke bile Matsieng habeli. Yes, habeli! Joale ke hona ke lumelisang. Hoseng hoa kajeno ke ile ka shebella match oa Likuena le Angola. Kea le bolella, Likuena e ne e lokela hore ebe e terapile Angola 4-1. Bashanyana ba rona ba ne ba imetse bano ba Angola hampe-mpe feela. Ba mpile ba hloka lehlohonolo la li-goal. Mohlala: Likuena e otlile cross bar habeli. Le li-commentator li ile tsa re ha ene ele hantle re ne re lokela hore ebe re otlile batho bano 4-1. Ke kopa re tloheleng ho itella, re nka linaha tse ling li le betere ho re feta hleng, metsoalle ea Haldi! Qetelang letsatsi hamonate hee! Ke ntse ke le rata kaofela!
Posted on: Mon, 15 Jul 2013 14:48:58 +0000

Trending Topics



Recently Viewed Topics




© 2015